Eksoda 1:5 - BIBELE Batho bohle ba leloko la Jakobo e ne e le mashome a supileng. Josefa yena o ne a se a le Egepeta. Sesotho 1909/1961 (SO) Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta. |
Modimo a baballa babelehisi bao, mme Baiseraele ba nna ba ngatafala, ba ba matla haholo.
Yaba Josefa o romela ho bitsa ntatae Jakobo le bang ka yena bohle, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano.
“Bo-ntata lona ba ne ba theohele Egepeta e le batho ba mashome a supileng, empa jwale Morena Modimo wa lona, o le ngatafaditse jwaloka dinaledi tsa lehodimo.”
Gideone a ba le bara ba mashome a supileng, ba tswetsweng ke yena, hobane o ne a nyetse basadi ba bangata.