Daniele 4:2 - BIBELE “Ke bone ho le molemo hore ke le tsebise dipontsho le dimakatso tseo Modimo ya hodimodimo a nketseditseng tsona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke fihletse hoba ho ka ba molemo ha ke le tsebisa dipontsho le mehlolo eo Modimo o hodimodimo o e sebeditseng ho nna. |
Ako mpuseletse nyakallo, nyakallo ya ho pholoswa ke wena, o mmatlafatse ka moya wa boitelo.
Ba ahileng dipheletsong tsa lefatshe ba tshaba dipontsho tsa hao; o etsa hore bohle ba howe ka thabo, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.
Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona.
Jwale ha ke se ke le leqheku, hlooho e se e le putswa, oho, Modimo, o se ke wa mphuralla, ho fihlela ke senolela meloko yohle e tlang tsa matla a hao le tsa bonatla ba hao,
Ka selemo sa bobedi sa puso ya hae, Nebukadenesare a lora toro e ileng ya mo tshwenya moyeng, bosiu a hlobaele.
Yaba Nebukadenesare o atamela pela monyako wa sebopi se tukang malakabe, o a howeletsa, o re: “Shaderaka! Meshake! Abedenego! Lona bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, tswang le tle kwano!” Yaba bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tswa kahara mollo.
“ ‘Qeto ena e phatlaladitswe, ya phatlalatswa ke maqosa, kahlolo ya etswa ke ba halalelang, e le hore batho bohle ba tle ba tsebe: Ya Hodimodimo o laola mmuso wa batho, o o nea ofe le ofe ya ratwang ke yena, kapa a hlomamise mofo setulong sa kgosi.’
“Oho, wena kgosi ya ka, tlhaloso ya toro ke ena, mme ke taelo eo Ya Hodimodimo a e etseditseng morena ka, kgosi.
O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha; o tla ja jwang jwaloka dikgomo, o lalwe ke phoka ya lehodimo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.
“Ha nako e badilweng e se e fetile, nna Nebukadenesare, ke ile ka lelaletsa mahlo a ka lehodimong, kelello ya ka ya botho ya kgutla, yaba ke roka Ya Hodimodimo, ke a mo rorisa, ke tlotlisa yena ya phelang kamehla yohle: “Puso ya hae e hlola kamehla yohle, mmuso wa hae o akaretsa meloko yohle!
“Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.
O a pholosa o bile o a lopolla, o etsa mehlolo le dimakatso, a di etse lehodimong, a di etse le lefatsheng; o namoletse Daniele, a mo namolela tleneng tsa ditau!”
E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo.
Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”