BaKolose 4:2 - BIBELE Tiisetsang thapelong ka phadimeho le ka teboho. Sesotho 1909/1961 (SO) Tiisetsang thapelong, mme le e fadimehele ka teboho. Baasraak Sotho NT Tswelelang mo thapelong, mme lo nne lo disitse mo go yone ka tebogo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tswelelang mo thapelong, mme lo nne lo disitse mo go yone ka tebogo; |
Ba mpuseletsa lerato la ka, ba mpuseletsa lona ka ho nqosa, leha ke ntse ke ba rapella.
Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”
Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala.
Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”
Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang.
Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.
Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.
Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae.
Metso ya bophelo ba lona e ke e tebe ka ho yena, e be yena motheo wa bona; le tiye tumelong kamoo le e rutilweng kateng, mme teboho ya lona e kgaphatsehe.
Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.
Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.
Le dumediswa ke Epafarase, mohahabo lona, mohlanka wa Kreste Jesu. Kamehla o le rapella ka matla, hore le eme le tiile, le phethehile, le amohetse ka ho tlala thato yohle ya Modimo.
Ha a se a nkile nako e telele a ntse a rapela Morena, Eli a nna a tadima molomo wa hae.
Ha e le nna ho ke ke ha etsahala hore ke sitelwe Morena ka ho phetsa ho le rapella. Ke tla le ruta se molemo le se lokileng.