Ke tla rorisa Morena ha ke ntse ke phela; ke tla roka Modimo wa ka bophelong ba ka bohle.
BaFilipi 4:4 - BIBELE Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang! Sesotho 1909/1961 (SO) Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng. Baasraak Sotho NT Ithabeleng ho Morena kamehla, mme ke boetse ke re: Thabang! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ithabeleng ho Morena kamehla, mme ke boetse ke re: Thabang! |
Ke tla rorisa Morena ha ke ntse ke phela; ke tla roka Modimo wa ka bophelong ba ka bohle.
Etsetsang Morena ditlatse, lona ba lokileng, ho mo rorisa ho tshwanela ba pelo di ntle.
Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitswe jwalo.”
Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.
Ha e le baapostola, ba tloha kgotla ba nyakaletse, hobane ba fumanwe ba lokelwa ke ho tlontlollwa ka baka la lebitso la Jesu.
re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.
Empa ha e mong, leha e ka ba rona kapa lengeloi le tswang lehodimong, a ka le bolella molaetsa o fapaneng le oo re le boleletseng wona, a ke a rohakehe.
Jwale, bana beso, ke re: Thabang ka ho ba ho Morena. Ha ke tswafe ho pheta seo ke ileng ka le ngolla sona, etswe hona ho tla etsa hore le se tsebisise.
Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang.