Le teng haeba le dumedisa bana babo lona feela, le feta ba bang ka eng? Ana bahedene le bona ha ba etse jwalo na?
BaFilipi 4:22 - BIBELE Badumedi bohle ba a le dumedisa, haholoholo ba sebetsang tlung ya Sesare. Sesotho 1909/1961 (SO) Bahalaledi bohle ba le dumedisa, empa haholo bao e leng ba ntlo ya Sesare. Baasraak Sotho NT Bahalaleli bohle ba a le dumedisa, haholoholo ba ntlo ya Sesare. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bahalaleli bohle ba a le dumedisa, haholoholo ba ntlo ya Sesare. |
Le teng haeba le dumedisa bana babo lona feela, le feta ba bang ka eng? Ana bahedene le bona ha ba etse jwalo na?
Se ileng sa ba utlwisa bohloko haholo ke polelo eo a ileng a e bolela, ya hore ha ba sa tla hlola ba bona sefahleho sa hae hape. Yaba ba mo felehetsa ho mo isa sekepeng.
Ananiase a araba, a re: “Morena, ke utlwile ka ba bangata kamoo monna eo a entseng tse ngata, tse mpe, ho badumedi ba hao ba Jerusalema,
Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le phedisano le Moya o Halalelang di ke di be le lona bohle.
Ba ntlo ya bobusisi kaofela, le ba bang bohle, ba tseba hantle hore ke ditlamong ka baka la Kreste,
Kereke e Babilona, e kgethilweng jwaloka lona, e a le dumedisa; le yena Mareka, ngwana ka, o a dumedisa.