Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.
Baefese 4:2 - BIBELE ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato. Sesotho 1909/1961 (SO) ka boikokobetso bohle, le ka mosa, le ka sebete, le ntse le mamellana ka lerato. Baasraak Sotho NT ka boikokobetso bohle le bonolo bohle, le mamello, le mamellana ka lerato; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka boikokobetso bohle le bonolo bohle, le mamello, le mamellana ka lerato; |
Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.
Ho molemo ho ikokobetsa o le hara mafutsana, ho ena le ho arolelana kgapo le baikgohomosi.
Pheletso ya taba e molemo ho feta qaleho ya yona, momamelli o molemo ho feta moikakasi.
Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.
Lona ba ikokobetsang ba lefatshe, lona ba mamelang taelo ya Morena, batlang Morena, le mmatlisise. Batlang ho loka, le batle boikokobetso; mohlomong le ka sireletseha mohla tsatsi la kgalefo ya Morena.”
Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.
Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng.
Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo.
A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!”
ke sebeletsa Morena ka boikokobetso bohle le ka meokgo, le hara meleko e ileng ya ntlhahela ka baka la maraba a Bajuda.
Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa.
Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.
Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng.
Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.
Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.
empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.
Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.