“E, haesale ke le yena ho tloha mehleng ya kgale, ha ho ya ka pholosang se ka seatleng sa ka. Seo ke se etsang se ka etsollwa ke mang?”
Baefese 3:7 - BIBELE Ke entswe mosebeletsi wa molaetsa oo, ka mpho ya mohau eo Modimo a mphileng yona, ka ho sebedisa matla a hae. Sesotho 1909/1961 (SO) eo ke entsweng mohlanka wa yona, ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona. Baasraak Sotho NT Ke entswe mosebeletsi wa yona, ho ya ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke entswe mosebeletsi wa yona, ho ya ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona. |
“E, haesale ke le yena ho tloha mehleng ya kgale, ha ho ya ka pholosang se ka seatleng sa ka. Seo ke se etsang se ka etsollwa ke mang?”
Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.
Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.
Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.
wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.
Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.
Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng.
Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa.
hobane matla a Modimo a entseng hore Petrose e be moapostola wa Bajuda, le nna a entse hore ke be moapostola wa baditjhaba.
le seo boholo bo fetisisang ba matla a hae bo leng sona ho rona ba dumelang. Ka wona matla ao a hae a maholo,
Ke a tshepa, le utlwile kamoo Modimo a nneileng tshebetso ya mohau eo ke e etsetsang lona kateng,
Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang,
Nna ke e monyenyane hara badumedi bohle, empa ke abetswe mosebetsi ona o kgethehileng, wa ho bolella baditjhaba molaetsa o molemo wa menono e ke keng ya lekanngwa ya Kreste,
Mmele wohle o kopanngwa ke yena, o tlamahanngwa manonyeletsong wohle ao o nang le wona. Ha setho ka seng se sebetsa kamoo se lokelang kateng, mmele o a hola, o imatlafatsa ka lerato.
Ke sona seo ke se sebeletsang ka thata, seo ke se lwanelang ka thuso ya Kreste, ya sebetsang ka matla a hae ka ho nna.
Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.
a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!