Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ke entswe mosebeletsi wa yona, ho ya ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 eo ke entsweng mohlanka wa yona, ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ke entswe mosebeletsi wa molaetsa oo, ka mpho ya mohau eo Modimo a mphileng yona, ka ho sebedisa matla a hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Ke entswe mosebeletsi wa yona, ho ya ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:7
22 Referencias Cruzadas  

Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella e mong le e mong ya leng hara lona hore a se ke a ikgopola ho fetisa kamoo a tshwanetseng ho ikgopola kateng; empa a nahane ka kelello, kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong tekanyo ya tumelo kateng.


Hore ke tle ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu ho baditjhaba, ya bolelang Evangeli ya Modimo, hore sehlabelo sa baditjhaba se tle se amohelehe, se halaleditswe ke Moya o Halalelang.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; empa ke sebeditse ho fetisa bona bohle, empa e seng nna, empa e le mohau wa Modimo o nang le nna.


Pauluse ke mang, le Apolose ke mang, haese basebeletsi bao le dumetseng ka bona, jwalokaha Morena a neile e mong le e mong?


Ke yena ya re entseng hore re be basebeletsi ba selekane se setjha; e seng wa letere, empa e le wa moya: hobane lengolo le a bolaya, empa moya ke wona o phedisang.


Ka baka leo, ha re ena le tshebeletso eo, kamoo re hauhetsweng kateng, ha re tepelle;


Hobane ya sebeleditseng Petrose boapostola ba ba bolotseng, ke yena ya neng a na le matla ho baditjhaba ho nna.)


le boholo bo fetisisang bo fetisisang ba matla a wona ho rona ba dumelang, ka tshebetso ya matla a wona a maholo.


Ekare ha le utlwile tsa ho aba mohau wa Modimo oo ke o neilweng bakeng sa lona;


Ho yena ya nang le matla a ho etsa ka ho fetisisa ho fetisa tsohle tseo re ka di kopang kapa tseo re di nahanang, ho ya ka matla a sebetsang ho rona.


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Ke yena eo mmele wohle o kopantsweng hantle, o kopantsweng hantle, ka ho tshehetswa ha leloko le leng le le leng, ho ya ka tshebetso e lekanyang setho se seng le se seng, o hodisa mmele ho ikgahang ka lerato.


Ke sona seo ke se sebeletsang, ke ntse ke lwana ho ya ka tshebetso ya hae, e sebetsang ka ho nna ka matla.


Ka baka leo, le rona re leboha Modimo re sa phetse, kahobane eitse ha le amohela lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, ha le a ka la le amohela jwalokaha e le lentswe la batho, empa le le jwalokaha e le ka nnete, e leng lentswe la Modimo, le sebetsang ka ho phethahala le ho lona ba dumelang.


a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos