Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Nna ke e monyenyane hara badumedi bohle, empa ke abetswe mosebetsi ona o kgethehileng, wa ho bolella baditjhaba molaetsa o molemo wa menono e ke keng ya lekanngwa ya Kreste,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:8
33 Referencias Cruzadas  

Mohlanka a re: Morena, ho entswe kamoo o laetseng kateng, mme sebaka se sa le teng.


Mme ho botlalo ba hae re amohetse mohau hodima mohau.


Yaba bona ba tloha kapele ho lekgotla, ba thabile hobane ba ne ba kailwe ba tshwanela ho hlomphollwa ka baka la lebitso la hae.


Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.


A botebo ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang, ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa!


Le ratane ka lerato la boena; le etelle e mong pele ka tlhompho;


Kapa o nyedisa monono wa molemo wa hae, le wa mamello, le wa tiisetso ya hae; o sa tsebe hobane molemo wa Modimo o o isa pakong?


Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.


Hobane ke e monyenyane ho baapostola, ya sa tshwanelang ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.


Empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa kena pelong ya motho.


ho senola Mora wa hae ka ho nna, ke tle ke bolele molaetsa wa hae hara ditjhaba; hang ha ke a ka ka rerisana le nama le madi.


Hobane ya sebeleditseng Petrose boapostola ba ba bolotseng, ke yena ya neng a na le matla ho baditjhaba ho nna.)


E le hore mehleng e tlang o tle o bonahatse monono o fetisisang wa mohau wa wona ka mohau wa wona ho rona ka Jesu Kreste.


Ke ka baka leo, nna Pauluse, motshwaruwa wa Kreste Jesu, bakeng sa lona baditjhaba,


Hore, ho ya ka monono wa kganya ya wona, o le nee ho matlafatswa ka matla ka Moya wa wona mothong wa kahare;


Le ho tseba lerato la Kreste, le fetang tsebo, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.


Ekare ha le utlwile tsa ho aba mohau wa Modimo oo ke o neilweng bakeng sa lona;


Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela; empa ka boikokobetso, e mong le e mong a nke ba bang ba le molemo ho yena.


Empa Modimo wa ka o tla le nea tsohle tseo le di hlokang, ka monono wa wona, kganyeng, ka Jesu Kreste.


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


Ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le monyefodi pele;


Polelo ena ke ya nnete, mme e lokelwa ke kamohelo yohle ya hore Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe; bao ke leng hlooho ya bona.


Tseo ke kgethetsweng ho ba mmoledi le moapostola wa tsona, ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano, ke le moruti wa baditjhaba tumelong le nneteng.


Tseo ke laetsweng ho ba mmoledi wa tsona, le moapostola, le moruti wa baditjhaba.


Ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tshweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di se ke tsa bonahala; mme o tlotse mahlo a hao ka moriana wa mahlo, hore o tle o bone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos