La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Baefese 3:11 - BIBELE

Modimo o entse hona ka ho ya ka morero wa hae wa kgalekgale, oo a o phethileng ka Kreste Jesu, Morena wa rona.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

ka morero oo o o entseng ho hloleheng, mme ke hona o tswang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena wa rona;

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

ho ya ka morero o sa feleng oo a o rerileng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

ho ya ka morero o sa feleng oo a o rerileng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.

Ver Capítulo



Baefese 3:11
12 Referencias Cruzadas  

“ ‘Tsena e ne le kunutu la pelo ya hao, ke a tseba, tsena e ne le morero wa hao:


Lefatshe le a reketla, le a meneka, Morena o tsitsisitse morero wa hae wa Babilona, morero wa hore naha ya Babilona a e falatse, a e falatse ho se be ya ka phelang ho yona.


Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye,


Jwale bao e leng ba Kreste ba thakgisitse dithato le ditakatso tsa bona tsa botho.


Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,


Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.


O re tsebisitse sephiri sa thato ya hae, e leng morero o mo kgahlileng e sa le pele.


Ke ka hona, nna Paulosi, ke le motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu, le ka baka la lona baditjhaba, ke rapelang Modimo.


ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.