13 “ ‘Tsena e ne le kunutu la pelo ya hao, ke a tseba, tsena e ne le morero wa hao:
13 Empa pelong ya hao o patile taba! Ke bona seo o se hopotseng ka ho wena.
Ha ke etsa sebe o ntadima ka le ntjhotjho, o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.
“Ha a rerile o rerile, a ka hanyetswa ke mang? O iketsetsa tsohle ka ho rata ha hae;
seo a se rerileng o se phetha ka nna, merero e kang ona e mengata ho yena,
ha a le leboya ha ke mmone, ha a sebetsa borwa le teng ha ke mmone.
Ruri o Modimo ya ipatileng, wena Mopholosi, Modimo wa Iseraele.
Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa.
Ya ka bolelang ntho, ya etsahala, ke mang, haeba ntho eo e sa laolwa ke Morena?
Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!
Modimo o entse hona ka ho ya ka morero wa hae wa kgalekgale, oo a o phethileng ka Kreste Jesu, Morena wa rona.
“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.