Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.
Kannetenete, ke a le bolella: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.
Le ne le shwele ka baka la dibe tsa lona, le ne le sa bolla moyeng, empa Modimo o ile a le phedisa mmoho le Kreste, a le tshwarela ditshito tsohle tsa lona.
“Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.