La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Amose 5:6 - BIBELE

Batlang Morena, le tle le phele, esere a ikakgela kahara ntlo ya Josefa, a ikakgela sa mollo o tjhesa Bethele, o tjhesa Bethele, ho se ya ka o timang.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Batlang Jehova, le tle le phele, esere mohlomong a wela ntlo ya Josefa jwaloka mollo, mme mollo oo wa fedisa Bethele, ho se motho ya o timang.

Ver Capítulo



Amose 5:6
28 Referencias Cruzadas  

Mohlanka wa hao o a tseba hore o sitilwe; ka baka leo, ke tlile kajeno, ke le wa pele hara bohle ba morabe wa Josefa, hore ke theohe, ke tlo kgahlanyetsa monga ka, kgosi ya ka.”


Jeroboame e ne e le monna ya matla. Ha Solomone a bona hore mohlankana enwa o mafolofolo, a mmea hore e be mookamedi wa makgoba wohle a sebetsang seterekeng sa morabe wa Josefa.


Ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.’


Pelo ya ka e lohotha wena, e re: “Batla fahleho sa hae.” Ruri ke batla fahleho sa hao, wena Morena.


Ba eisehang ba tla bona, ba thabe; lona, ba batlang Modimo, betang dipelo.


“Ha hlaha e etjha, mme e fihla meutlweng kapa qubung ya mangata, kapa korong e eso helwe, ruri ya tjhesitseng hlaha o tla lefa tshenyo eo.


Motho ya matla o tla tshwana le twala, mosebetsi wa hae o tshwane le tlhase, motho eo a tjhe le mosebetsi wa hae, ho se be ya ka timang mollo oo.”


“Ntshekeheleng tsebe, mme le tle ho nna, le mmamele, meya ya lona e tle e phele. Ke tla etsa selekane sa kamehla le lona, e leng mehauhelo eo ke neng ke e tshepise Davida.


“Batlang Morena ha a sa ntse a ka fumanwa, ipiletseng ho yena a sa le haufi;


Jeremia a re ho kgosi: “Ba ke ke ba neelana ka wena. Ke a o kopa hle: Hlompha lentswe la Morena, leo ke o bolellang lona, e le hore o tle o atlehe, mme o phele.


bolokang selekane sa lona le nna, le ineele nna ka pelo tsa lona tsohle, lona banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; esere kgalefo ya ka ya laima sa malakabe, ya tjhesa ho se ya ka e timang, ka baka la bokgopo ba ketso tsa lona.”


“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla theolela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima sebaka sena, hodima batho le diphoofolo, hodima difate tsa naha le hodima tse behwang ke naha. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme e ke ke ya tingwa.’


O bolelle naha eo ya Iseraele, o re: ‘Morena o bua tjena: Bona, ke a o lwantsha, mme ke tla tsomula sabole ya ka selateng sa yona, ke bolaye baahi ba hao ba lokileng le ba kgopo.


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


wena o tle o re ho sona: Morena Modimo o bua tjena: Ke tla nka molamu o ka letsohong la Efraime, e leng molamu wa Josefa le ba morabe wa Iseraele ba thusanang le yena, ke o kopanye le molamu wa Juda, ke e etse molamu o le mong, mme molamu o tla ba mong ka letsohong la ka.


“Mohla ke otlang Baiseraele, ke ba otlela dibe tsa bona, ke tla heletsa dialetare, aletare tsa Bethele; manakana a aletare a tla kgaolwa, a kgaolwe, a be a wele fatshe.


Batlang tse molemo e seng tse kgopo, e le hore le tle le phele; ke moo Morena Modimo wa mabotho, a tla ba le lona jwalokaha le bolela.


Morena o bua tjena ho ba ntlo ya Iseraele, o re: “Mpatleng, le tle le phele.


Veine ya lona le e nwa ka mopotjwana, le itlotse ka ditlolo tsa bohlokwa, empa ha le llele ho timetswa ha Josefa.


Lona ba ikokobetsang ba lefatshe, lona ba mamelang taelo ya Morena, batlang Morena, le mmatlisise. Batlang ho loka, le batle boikokobetso; mohlomong le ka sireletseha mohla tsatsi la kgalefo ya Morena.”


“Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda, ba ntlo ya Josefa ke ba pholose. Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona, hobane ke ba utlwela bohloko. Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle, hobane nna ke Morena, Morena Modimo wa bona, ke tla amohela thapelo tsa bona.


Kgalefo ya ka e tuka malakabe, e tlokoma ho ya fihla Nqalong ya Bafu, e timetsa lefatshe le tsa lona, e tjhesa le metheo ya dithaba.


Morena Modimo wa lona, ke mollo o timetsang, ke Modimo ya boulelang.”


Naha eo le e arole dikarolo tse supileng. Moedi wa morabe wa Juda o tla nne o be ka borwa, mme moedi wa morabe wa Josefa o nne o be ka leboya.