La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




2 Bakorinthe 4:3 - BIBELE

Haeba molaetsa wa rona o molemo o siretse, o siretse ba yang timelong,

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ekare ha Evangeli ya rona e kwahetswe, e kwahelletswe ba timelang;

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa haeba molaetsa o molemo wa rona o patehile, o patetswe ba timelang.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa haeba molaetsa o molemo wa rona o patehile, o patetswe ba timelang.

Ver Capítulo



2 Bakorinthe 4:3
11 Referencias Cruzadas  

Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.


Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo,


Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang.


Yare ha ke fihla Terowase, moo ke neng ke ilo bolela molaetsa o molemo wa Kreste teng, ka fumana Morena a se a mpuletse tsela.


Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela.


e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


hobane molaetsa o molemo wa rona ha o a ka wa tla ho lona ka dipolelo feela, empa o tlile le ka matla le ka Moya o Halalelang, le ka ho kgodiseha haholo. Ke seo re bileng sona hara lona ho le thusa, jwalokaha le tseba.


Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.