O tswa fihla maobanyana mona; jwale ebe nka re o nne o lelere le rona hohle moo re yang teng, empa ke sa tsebe le hore na ke ya kae? Kgutla, o tsamaye le bana beno, mme Morena a ke a o hauhele, a o etsetse tse molemo.”
2 Bakorinthe 1:2 - BIBELE Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste. Baasraak Sotho NT A le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste. |
O tswa fihla maobanyana mona; jwale ebe nka re o nne o lelere le rona hohle moo re yang teng, empa ke sa tsebe le hore na ke ya kae? Kgutla, o tsamaye le bana beno, mme Morena a ke a o hauhele, a o etsetse tse molemo.”
Jwale Moya wa Modimo wa theohela hodima Amasai, molaodi wa ba mashome a mararo, mme a re: “Oho, Davida, re ba hao, re ba hao, mora wa Jese! Kgotso e ke e be le wena, kgotso ho bathusi ba hao, hoba o thuswa ke Modimo wa hao.” Yaba Davida o a ba amohela, mme a ba etsa balaodi ba mabothwana a hae.
Kgosi Nebukadenesare a romela molaetsa ho batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, a re: “Kgotso e ke e le atele!
Ke dumedisa ba leng Roma, bao Modimo a ba ratang, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle.
Bohle ba tsamayang ka molao ona, kgotso le mohau di ke di be le bona, le Iseraele wa Modimo.
Kgotso, le lerato, le tumelo, tse tswang ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste, di ke di be le bana babo rona bohle.
re dumedisa badumedi ba Kolose, bana babo rona ba tshepahalang ho Kreste, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona di ke di be le lona.
Nna Paulosi, le Silefanose, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, eo e leng ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste, re re: Mohau le kgotso di ke di be le lona.