Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 15:20 - BIBELE

20 O tswa fihla maobanyana mona; jwale ebe nka re o nne o lelere le rona hohle moo re yang teng, empa ke sa tsebe le hore na ke ya kae? Kgutla, o tsamaye le bana beno, mme Morena a ke a o hauhele, a o etsetse tse molemo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Haele moo o sa tswa fihla maobane, nka o dikadikisa jwang kajeno hammoho le rona ho ya mane le mane? Haele nna, ke ya moo nka yang. Kgutla, o kgutlise le banabeno; mohau le nnete di ke di be ho wena.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:20
17 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o roma maqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, o re ho bona: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane le bontshitse botshepehi ho monga lona, e leng Saule, la mo epela.


E se eka le lona Morena a ka le bontsha lerato la hae le botshepehi ba hae. Le nna ke tla le buseletsa, hobane le entse ketso ena.


Ditsela tsohle tsa Morena ke tsa mohau le botshepehi, ho ba bolokang selekane sa hae, le ho ba bolokang ditemoso tsa hae.


Na ba ka phonyoha ka baka la bokgopo ba bona? Oho, Modimo, ako dihe baditjhaba, o ba dihe ka kgalefo ya hao.


Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle.


Kamehla ba kgutla ka phirimana, ba rore sa dintja, ba solle hara motse,


Ekeletsa kgosi matsatsi a bophelo, dilemo tsa yona di akaretse le meloko e tlang.


E ke e dule teroneng kamehla le mehla, e dule kapele ho Modimo; mohau le nnete ya hao di ke di e boloke.


Ruri ho pholosa ha hae ho haufi le ba mo tshabang, e le hore tlotla ya hae e tle e ahe fatsheng la rona.


O sefea, letsoho la hao le matla; letsoho la hao le letona le phahame.


Ba rerang bobe ba a lahleha, empa ba rerang botle ba fumana mohau le nnete.


Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.


Batho ba tla lelera le mawatle wohle, ba phaqole ho tloha leboya ho ya botjhabela, ba ntse ba batla lentswe la Morena, empa ha ba ka ke ba le fumana.


hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.


Yaba Davida le banna ba hae ba ka bang makgolo a tsheletseng ba a tsamaya, ba tloha Keila, ba nna ba lelera. Ha Saule a utlwa hore Davida o balehile Keila, yaba ha a sa futuha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios