O ne a ena le bara ba mashome a mararo, ba neng ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a mararo. Ba ne ba ena le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, eo le kajeno-ya-bokajeno e ntseng e bitswa Metse ya Jaire.
1 Samuele 9:3 - BIBELE Jwale ha lahleha ditonki tsa Kishe, ntata Saule. Kishe a re ho Saule: “Nka e mong wa bahlanka, o tsamaye, o yo batla ditonki.” Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, diesele tsa Kishe, ntata Saule, tsa lahleha. Kishe a re ho Saule, mora hae: Ako ye le e mong wa bahlanka, o yo batla diesele. |
O ne a ena le bara ba mashome a mararo, ba neng ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a mararo. Ba ne ba ena le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, eo le kajeno-ya-bokajeno e ntseng e bitswa Metse ya Jaire.
“Lona ba palamang ditonki, tonki tse tshweu, lona ba dutseng dibutshabutsheng, le lona bo-mofetakatsela, bolelang jwalo.
Rangwana Saule a re ho yena le ho mohlanka wa hae: “Le ne le ile kae?” Saule a re ho yena: “Re ne re ilo batla ditonki, mme ha re bona re sa di fumane ra ya ho Samuele.”
Kajeno, ha o tloha mona ho nna, o tla fumana banna ba babedi pela lebitla la Ragele, naheng ya Benjamine, mane Selesa. Banna bao ba tla re ho wena: ‘Ditonki tseo o neng o ilo di batla di fumanwe. Ntatao ha a sa tsoteletse ditonki tseo, o se a tshwenyehile ka baka la hao, mme o re: “Mora wa ka ke tla mo fumana jwang?” ’
O ne a ena le mora ya bitswang Saule, e le mohlankana ya mahlong, mme ho se na le ya mong wa bana ba Iseraele ya mo fetang ka letho. O ne a le molelele, a phahametse batho bohle ka mahetla.
Ha e le ditonki tse nang le matsatsi a mararo di o lahlehetse, o se ke wa itshwenya ka tsona, hobane di se di fumanwe. Empa ke mang eo Baiseraele ba mo labalabelang haholo? Na hase wena le lelapa lohle la ntatao?”
Saule a feta hara naha ya Efraime e maralla, a feta le hara naha ya Shalesha, empa ba se ke ba di fumana. Yaba ba feta hara naha ya Shaaleme, mme le moo tsa eba siyo. A feta le hara naha ya morabe wa Benjamine, empa le teng a se ke a di fumana.