Jwale Aborahama a kgutlela ho bahlanka ba hae; ba tsamaya hammoho ho kgutlela Beeresheba, mme a aha teng.
1 Samuele 8:2 - BIBELE Lebitso la mora wa hae wa matsibolo e ne e le Joele, lebitso la mora wa hae wa bobedi e le Abiya. E ne e le baahlodi ba Beeresheba. Sesotho 1909/1961 (SO) Lebitso la mora wa hae wa letsibolo e ne e le Joele, lebitso la wa bobedi e le Abia; ba ne ba ahlolela Beerseba. |
Jwale Aborahama a kgutlela ho bahlanka ba hae; ba tsamaya hammoho ho kgutlela Beeresheba, mme a aha teng.
Yaba Iseraele o a falla, o nka tsohle tseo a nang le tsona, mme ha a fihla Beeresheba, a etsetsa Modimo wa ntatae Isaka mahlabelo.
Ha Elia a bona taba di le mosenekeng, a ema, a baleha hore a tle a pholohe, a ba a ya fihla Beeresheba e naheng ya Juda, mme a siya mohlanka wa hae hona moo.
Kora mora wa Isihare, Isihare mora wa Kohate, Kohate mora wa Levi, Levi mora wa Iseraele.
Le se mpatle Bethele, le Gilegale le se kene, leha e le ho fetela Beeresheba, hoba Gilegale e tla fela e thoptjwe, Bethele yona e fetohe nanaola.”