Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 8:3 - BIBELE

3 Bara ba hae ba se ke ba latela mehlala ya hae, ba kgeloha, ba batla maruo ka bolotsana; ba amohela tjotjo, ba sokamisa toka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bara ba hae ba mpa ba se ke ba tsamaya ka mehlala ya hae; ba kgelohela leruong le sa lokang, ba amohela dimpho, ba kgelosa le kahlolo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 8:3
18 Referencias Cruzadas  

Abosalome a tswele pele, a re: “Hoja ke ne ke le moahlodi naheng ena, mme bohle ba nang le dinyewe kapa ditaba ba etla ho nna, ke ne ke tla ba ahlolela ka toka.”


Ha a adimane ka tjhelete ho iphumanela phaello, ha a amohele tjotjo ho ahlola ya se nang molato. Ya etsang tsena a ke ke a sisinngwa le ka mohla.


bao matsoho a bona a etsang tsa bolotsana, bao diatla tsa bona di amohelang tjotjo.


Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.


“O se ke wa sotha kahlolo nyeweng ya mofutsana wa heno.


“O se ke wa amohela tjotjo, hobane tjotjo e a foufatsa, mme e sotha dipolelo tsa ya lokileng.


Ke mang ya tsebang haeba eo o tla ba bohlale kapa e be sethoto? Leha ho le jwalo o tla laola mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng ka matla a ka le ka bohlale ba ka. Hona le hona ke lefeela.


Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.


Motho ya metsamao e lokileng, ya puo di ntle, ya hloileng ho rua ka mahahapa, ya sa amoheleng tjotjo, ya sa mameleng merero ya ho bolaya, ya thibelang mahlo a hae hore a se bone bobe;


Baetapele ba yona ba ahlolela ba ba neang tjotjo, baprista ba yona ba rutela ho newa moputso, baporofeta ba yona ba porofetela tjhelete; ho le jwalo, ba tshepile Morena, ba re: “Ha re re Morena o teng kahara rona? Ha ho koduwa e ka ba re wela hodimo!”


Le se ke le sotha kahlolo; le se ke la ba leeme; le se ke la amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e sotha dipolelo tsa ba lokileng.


E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete.


Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.


Jwale kgosi eo e tla le etella pele. Nna k se ke tsofetse, mme moriri wa ka o se o le moputswa. Bara ba ka ba na le lona. Ke ile ka le etella pele ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno.


Ke tla ikgethela moprista ya tshepahalang, ya tla etsa se ka pelong ya ka le ka moyeng wa ka. Ke tla tiisa lelapa la hae, mme le tla sebeletsa kapele ho motlotsuwa wa ka kamehla yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos