La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 4:9 - BIBELE

Matlafalang, lona Bafilesita, le lwane senna, le tle le se ke la ba makgoba a Baheberu, jwalokaha le bona e bile makgoba a lona. Ka baka leo, lwanang senna!”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Oho, Bafilista, ipheng matla, le etse ka senna, e se be la ba bafo ba Baheberu, jwalokaha e bile bafo ba lona. Etsang ka senna, mme le lwane.

Ver Capítulo



1 Samuele 4:9
10 Referencias Cruzadas  

Tiisa matla, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona ka sebete. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”


Tjhaba di tla felehetsa Baiseraele, di ba felehetse ho ya naheng ya bona; Baiseraele ba tla okamela ditjhaba, ba di etse bahlanka naheng ya Morena, ba di etse makgabunyane naheng ya Morena. Ba tla thopa bathopi ba bona, ba buse bahatelli ba bona.


O madimabe hakaakang, wena motimetsi, wena o esong ho ka o timetswa! O madimabe hakaakang, wena lehlabaphiyo, wena o esong ho ka e ekwa! Ha o qeta ho timetsa, wena o tla timetswa, ha o kgaotsa ho eka, wena ba tla o eka.


Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.


Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, a neelana ka bona matsohong a Bafilesita, le matsohong a Baamone.


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bafilesita ka dilemo tse mashome a mane.


Baheberu bao pele ba neng ba le ka lehlakoreng la Bafilesita, mme ba ba ba nyolohela le bona diahelong, le bona bao ba fetohela Bafilesita, ba ya ka lehlakoreng la Baiseraele ba neng ba ena le Saule le Jonathane.


A rona bale! Ke mang ya tla re lopolla matsohong a medimo ee e matla? Medimo ena ke yona e neng e bolaye Baegepeta ka mefutafuta ya diwa, lehwatateng.