Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Oho, Bafilista, ipheng matla, le etse ka senna, e se be la ba bafo ba Baheberu, jwalokaha e bile bafo ba lona. Etsang ka senna, mme le lwane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Matlafalang, lona Bafilesita, le lwane senna, le tle le se ke la ba makgoba a Baheberu, jwalokaha le bona e bile makgoba a lona. Ka baka leo, lwanang senna!”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 4:9
10 Referencias Cruzadas  

Etsa ka senna, o iphe matla ho lwanela setjhaba sa heso le metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.


Ditjhaba di tla ba nka, di ba ise lefatsheng la bona; ntlo ya Iseraele e tla di rua naheng ya Jehova, e be bahlanka le makgabunyane a yona; ba tla etsa bafo ka bao ba neng ba entswe bafo ke bona, ba buse bao ba neng ba ba hlorisa.


Ho madimabe wena, mosenyi, ya esong ho senngwe, wena, mohapi ya esong ho hapjwe! Etlare ha o se o qetile ho senya, o tla senngwa; ha o qetile ho hapa, o tla hapjwa.


Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.


Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Bafilesta le matsohong a bana ba Ammone.


Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a ba neela matsohong a Bafilesta ka dilemo tse mashome a mane.


Le Baheberu ba neng ba le hara Bafilesta, jwaloka pele, ba neng ba tlile le bona ntweng, ba tswa kahohle, ba ikopanya le Baiseraele ba leng ho Saule le Jonathane.


Ho madimabe rona! Ke mang ya tla re namolela matsohong a medimo eo e matla? Ke yona medimo e otlileng Baegepeta ka dikotlo tsohle nahathothe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos