Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha ho le jwalo, Bafilesta ba lwana, mme ba hlola Baiseraele, Baiseraele ba ba ba balehela e mong le e, mong hae tenteng ya hae; le polao ya eba kgolo haholo; ha eshwa Baiseraele ba dikete tse mashome a mararo ba maoto.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Bafilesita ba lwana, Baiseraele ba hlolwa. Mohlabani ka mong a balehela lapeng la hae. Ba ba etsa mofela, ha bolawa Baiseraele ba ditaaso ba dikete tse mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 4:10
19 Referencias Cruzadas  

Ba nka Absalome, ba mo lahlela sekoting se seholo morung, mme ba mo qhobela ka qubu e kgolo haholo ya majwe. Haele Baiseraele bohle, ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.


Teng, setjhaba sa Iseraele sa hlolwa ke bahlanka ba Davida, le polao ya bona ya eba kgolo tsatsing leo, ya eba kete tse mashome a mabedi.


Ebile morena o tsoha, a ya dula kgorong, mme setjhaba sohle sa tsebiswa, ha thwe: Bonang, morena o dutse kgorong; mme setjhaba sohle sa itlisa teng pela morena. Haele Baiseraele, ba ne ba balehetse e mong le e mong hae tenteng ya hae.


Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.


Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele ba ikela tenteng tsa bona.


Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.


Bajuda ba hlolwa ke Baiseraele, e mong le e mong a ba a balehela tenteng ya hae.


Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.


Bajuda ba hlolwa ke Baiseraele, mme ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.


Bana ba Efraime ba hlometseng, ba tshwereng diqha, ba ile ba baleha tsatsing la ntwa;


Le mpe le ye leahong la ka le neng le le Silo, moo ke neng ke beile lebitso la ka pele, mme le bone seo ke se entseng ho lona ka baka la bolotsana ba setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Empa ekare ha o sa utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme ha o sa itise ho boloka ditaelo tsa hae tsohle, le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno, dithohako tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele.


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


Jehova a re ho Samuele: Bona, ke se ke tla etsa Iseraeleng taba eo, e mong le e mong ya e utlwang, tsebe tsa hae tse pedi di tla duma.


Bafilesta ba tla ka makgotla ho lwantsha Baiseraele; Baiseraele ba hlolwa ke Bafilesta, mme makgotleng a bona ha bolawa banna ba batlileng ho ba kete tse nne.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos