1 Samuele 4:7 - BIBELE Bafilesita ba tshoha, ba re: “Modimo o fihlile diahelong!” Ba boela ba re: “A rona bale! Maoba le maobane ho ne ho se ntho e tjena! Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Bafilesta ba tshaba, ba re: Modimo o tlile diahelong. Hape, ba re: Ho madimabe rona, hobane ho ne ho eso ho be taba e jwalo, le kgale. |
A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”
Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?
Ha Bafilesita ba utlwa lerata la ditlatse ba re: “Ebe lerata lee la ditlatse tse kaalekaale diahelong tsa Baheberu, ke la eng?” Jwale ba tseba hore areka ya Morena e fihlile diahelong.
A rona bale! Ke mang ya tla re lopolla matsohong a medimo ee e matla? Medimo ena ke yona e neng e bolaye Baegepeta ka mefutafuta ya diwa, lehwatateng.