Ha Bafilesita ba utlwa lerata la ditlatse ba re: “Ebe lerata lee la ditlatse tse kaalekaale diahelong tsa Baheberu, ke la eng?” Jwale ba tseba hore areka ya Morena e fihlile diahelong.
Bafilesta ha ba utlwa modumo wa ditlatse, ba re: Ke wang modumo wa ditlatse tsena tse kgolo diahelong tsa Baheberu? Ba tseba hobane areka ya Jehova e tlile diahelong.
Yaba mahosana a Bafilesita a re: “Baheberu baa ba batlang moo?” Akishe a re ho mahosana a Bafilesita: “Enwa ke Davida, mohlanka wa Saule, kgosi ya Iseraele, eo e seng e le nako a le ho nna mona. Haesale a fihla mona, ha ke eso fumane phoso ho yena ho fihlela kajeno.”