Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 29:3 - BIBELE

3 Yaba mahosana a Bafilesita a re: “Baheberu baa ba batlang moo?” Akishe a re ho mahosana a Bafilesita: “Enwa ke Davida, mohlanka wa Saule, kgosi ya Iseraele, eo e seng e le nako a le ho nna mona. Haesale a fihla mona, ha ke eso fumane phoso ho yena ho fihlela kajeno.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Marena a Bafilesta a mpa a re: Baheberu bao ba etsang moo? Akishe a re ho marena a Bafilesta: Na eo hase Davida, mohlanka wa Saule, morena wa Iseraele, ya nnileng a dula le nna, e se e le ditshiu tse itseng le lemo tse itseng, eo ke esong ho fihlele molato ho yena, haesale a kwenehela ho nna, ho fihlela la kajeno?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 29:3
13 Referencias Cruzadas  

Yaba ho fihla selahlamarungwana, mme sa tsebisa Aborame wa Moheberu ditaba. Aborame o ne a ahile difateng tsa eike tsa Mamore wa Moamore, ngwanabo Eshekole le Anere, ba neng ba entse selekane le Aborame.


Ba bang ba morabe wa Manase le bona ba fetohela ka ho Davida, mohla a neng a ena le Bafilesita ha ba futuhetse Saule. Empa a se ke a thusa Bafilesita, hobane mahosana a bona a ne a ile a eletswa hore a mo leleke, a re: “O tla fetohela ka ho monga hae Saule, ebe re a bolawa.”


Yare ha Davida a eya Sikelage banna bana ba morabe wa Manase ba fetohela ka ho yena: Adenake, le Josabada, le Jediaele, le Mikaele, le Josabada, le Elehu, le Siletai. E mong le e mong wa bona e ne e le molaodi wa bahlabani ba sekete.


Banna bana ba re: “Re ke ke ra fumana lebaka leo re ka qosang Daniele ka lona, haese haeba e le taba e amanang le molao wa Modimo wa hae.”


Eitse ha baprista ba baholo le mapolesa ba mmona, ba howa, ba re: “Mo thakgise! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena!”


Se buseletseng bobe ka bobe; pheellang ho etsa tse ntle mahlong a batho bohle.


Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho, matswalo a lona a kgutsitse, e le hore ba buang hampe ka metsamao ya lona e metle, ya Bokreste, ba tle ba hlajwe ke dihlong ke diketseletso tseo tsa bona.


Bobedi ba bona ba etsa hore Bafilesita ba laletseng ba ba bone, mme Bafilesita ba re: “Bonang, Baheberu ke bao, ba tswa mafarung ao ba neng ba ipatile ho wona!”


Ke a o rapela: Ako tshwarele lekgabunyane la hao ditshito tsa lona, hobane ruri Morena o tla hlomamisa lelapa la hao le tiye, ka baka la dintwa tsa Morena tseo o mo lwanetseng tsona. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hao e se eka o ke ke wa hlahelwa ke bobe.


Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.”


Davida a dula naheng ya Bafilesita selemo le kgwedi tse nne.


Jwale Akishe a bitsa Davida, mme a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o tshepahetse ho nna. O ile wa nkgahla ha re ntse re futuha le wena ka mabotho. Ho tloha mohla o fihlang mona ho nna, ho fihlela kajeno, ha ke eso fumane bobe ba letho ho wena. Leha ho le jwalo, mahosana ha a o amohele.


Ha Bafilesita ba utlwa lerata la ditlatse ba re: “Ebe lerata lee la ditlatse tse kaalekaale diahelong tsa Baheberu, ke la eng?” Jwale ba tseba hore areka ya Morena e fihlile diahelong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos