Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”
1 Samuele 3:4 - BIBELE Morena a bitsa Samuele, mme Samuele a re: “Ke nna enwa!” Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a bitsa: Samuele! Yena a re: Ke nna enwa. |
Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”
Empa lengeloi la Morena la howeletsa le le lehodimong, la re: “Aborahama! Aborahama!” Yaba o re: “Ke nna enwa.”
Moshe le Arone e ne e le ba bang ba baprista ba hae, Samuele e le e mong wa ba rapelang lebitso la hae. Ba ipiletsa ho Morena, mme a ba araba,
Morena a bona hore Moshe o a kgelohela, ho ya bona, mme Modimo a mmitsa a le kahara sehlahla sa monokotshwai, a re: “Moshe! Moshe!” Yaba Moshe o re: “Ke nna enwa!”
Yaba ke utlwa lentswe la Morena le re: “Ke tla roma mang? Ke mang ya tla ya bakeng sa rona?” Yaba ke re: “Ke nna enwa! Nthome!”
Bao Modimo a ba beileng kerekeng ke bana: ba pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti; ho nto latela ba etsang mehlolo, le ba dineo tsa ho fodisa kapa ho thusa ba bang, kapa ho busa, kapa ho bua ka maleme asele.
Samuele a mathela ho Eli, a re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a re: “Ha ke a o bitsa; tsamaya o yo robala.” Yaba o a tsamaya, o ilo robala.