Jehu a ema, a kena ka tlung; mohlankana a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya setjhaba sa Morena, e leng sa Iseraele.
1 Samuele 2:7 - BIBELE Morena o a futsanehisa, o bile o a ruisa, o a kokobetsa, o bile o a phahamisa, Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova o a fumanehisa, mme o a ruisa, o a kokobetsa, mme o a phahamisa. |
Jehu a ema, a kena ka tlung; mohlankana a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya setjhaba sa Morena, e leng sa Iseraele.
Maruo le hlompho di tswa ho wena, tsohle di buswa ke wena; tsoho la hao le matla, le sefea, ho phahamisa le ho matlafatsa bohle.
Hesekiya o ne a ruile haholo, mme a tlotleha haholo. A haha matlo ao ka ho wona ho bolokwang silefera, le kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le dinoko, le dithebe, le dintho tsohle tseo motho a ka lakatsang ho ba le tsona.
A ikgahela metse, a ba le mehlape e mengata ya dikgutshwane, le ya dikgomo, hobane Modimo o ne a mo file maruo a mangata.
o re: “Ke tswetswe ke mme ke le feela, ke tla ya lebitleng ke ntse ke le feela. Morena o na fane, Morena o amohile, ho ke ho roriswe lebitso la hae.”
Kahlolo ha e tswe botjhabela, kapa ha e tswe bophirimela, leha e le lehwatateng kapa dithabeng.
Tsatsi le teng le beilweng ke Morena wa mabotho, le beetsweng baikgantshi le baikgohomosi, le bohle ba ikakasang, hore a tla ba kokobetse;
Fate tsohle tsa naha di tla tseba, di tsebe hore ke nna Morena. Fate tse telele ke a di diha, tsa dikakatjhelana tsona ke di hodise; tse talana ke di omeletse, tse omeletseng ebe di a tlokoma. “ ‘Nna Morena, ke buile, mme ke tla etsa jwalo.’ ”