Timina e ne e le mosadi wa lefielo wa Elefase, mora wa Esau, mme eo a tswalla Elefase Amaleke. Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau.
1 Samuele 15:3 - BIBELE Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele. |
Timina e ne e le mosadi wa lefielo wa Elefase, mora wa Esau, mme eo a tswalla Elefase Amaleke. Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau.
Yaba Morena o re ho Moshe: “Ngola ditaba tsena bukeng, e tle e be kgopotso. O be o phetele Joshua hore ke tla fedisa Baamaleke lefatsheng, hoo ba ke keng ba hlola ba hopolwa le kgale.”
O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.
Bileame a tadima Baamaleke, mme a porofeta, a re: “Amaleke setjhaba sa pele hara ditjhaba, empa qetellong se tla timella ruri.”
Ka baka leo he, bolayang ngwana e mong le e mong e motona; le mosadi e mong le e mong ya kileng a robala le monna.
Ba o hapa, ba hapa le kgosi ya wona, le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho ba teng ka sabole, mme ba timetsa ho hang bohle ba neng ba phela teng. A se ke a siya le ya mong. Jwalokaha a ne a ile a etsa motseng wa Heborone, le motseng wa Debiri, le ho kgosi ya teng, a etsa jwalo le motseng wa Lebena, le ho kgosi ya teng.
A lwana ka bonatla, a hlola Baamaleke, a namolela Baiseraele matsohong a ba ba senyetsang.
Morena o ile a o roma, a re: ‘Tsamaya, o yo timetsa baetsadibe bao ho hang, e leng Baamaleke; o ba lwantshe ho fihlela ba fela tu!’
Empa bo-Saule le setjhaba ba hauhela Akake, ba qenehela le dinku tse ntlentle, le dikgomo le tse hlahlamang tseo ka botle, le dikonyana, le tsohle tse ntle, mme tsena ba se ke ba rata ho di bolaya ho hang. Empa diphoofolo tsohle tse se nang thuso, tse tsiapang, tsona ba di bolaya ho hang.
Davida a bolaya batho bohle ba naha eo. O ne a ye a se ke a siya monna kapa mosadi a ntse a phela; a hape dinku, le dikgomo, le ditonki, le dikamele, esita le diaparo, ebe jwale o kgutlela ho Akishe.
Davida a ba bolaya ho tloha ka shwalane, ho ya fihla phirimaneng ya letsatsi le hlahlamang. Ha se ke ha phonyoha le ya mong wa bona, haese bahlankana ba makgolo a mane, ba ileng ba lwabela dikamele, ba baleha.