Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 20:5 - BIBELE

5 O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 20:5
65 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Davida ha eba le tlala ka dilemo tse tharo, tse hlahlamanang. Davida a botsa Morena, mme Morena a re: “Tlala ena e teng ka baka la Saule le ba lelapa la hae, ba madi matsohong, hobane Saule o bolaile Bagibeone.”


Re nee banna ba supileng, bao e leng bara ba hae, re tle re ba fanyehele Morena, re le Gibea ya Saule, mokgethwa wa Morena.” Kgosi ya re: “Ke tla neelana ka bona.”


Elia a re: “Ke ka baka la ho boulela Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”


“Na o bona kamoo Akabe a ikokobeleditseng nna kateng? Kahobane a ikokobeleditse nna, koduwa ena e ke ke ya eba teng mehleng ya hae; ke tla e dihela hodima lelapa la Akabe mehleng ya mora wa hae.”


Ke bona bao Morena a neng a etse selekane le bona, mme a ba laela, a re: “Le se ke la hlompha medimo e meng, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, kapa ho e etsetsa mahlabelo.


Ditjhaba tsena di ne di hlompha Morena, empa tsona, le bana ba tsona, le ditloholo tsa tsona, tsa nna tsa sebeletsa le medimo ya tsona ya ditshwantsho tse betlilweng. Jwalokaha bo-ntata tsona ba ne ba etsa, le tsona di ntse di etsa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Leha ho le jwalo, Morena ha a a ka a kgutla kgalefong ya hae e tshabehang, eo a neng a halefetse Juda ka yona, ka baka la mekgwa yohle eo Manase a ileng a mo phephetsa ka yona.


Feela Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena: Ha monga ka a kena ka tempeleng ya Rimone ho ya rapela, a itshetlehile ka letsoho la ka, mme nna ke obamela fatshe ka tempeleng ya Rimone, Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena.”


Ka lebaka lena, lepera la Naamane le tla o kgomarela, le kgomarele le ditloholo tsa hao kamehla yohle.” A tloha kapele ho Elisha e le molepera, a le mosweu jwaloka lehlwa.


Ha Amasiya a kgutla ho tswa timetsa Baedomo, a tla le medimo ya bana ba Seire, a e etsa medimo ya hae, a e kgumamela, mme a e tjhesetsa mokubetso.


“Empa haeba lona le ka nkwenehela, la furalla ditaelo tsa ka le melao ya ka, eo ke le beetseng yona, yaba le sebeletsa medimo e meng, la e kgumamela,


Modimo o isa kotlo tsa motho baneng ba hae; eka a ka be a otla yena mo-di-etsi, a mo otle le yena a tla ikutlwele.


Bana ba sona ha ba a sireletswa ke motho, ba robokellwa kgotla, ba hloka manamolela;


Molato wa bo-ntatae o nne o hopolwe ke Morena, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa;


Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata.


O se ke wa re balla melato, melato ya bo-ntata rona, o mpe o re kgahlanyetse kapele, o re kgahlanyetse ka lerato la hao, hobane re nyenyefaditswe haholo.


nka be ke kokobetsa dira tsa hae, ke di kokobetsa hanghang, ke hlola ba mo lwantshang, ke ba hlola ka letsoho la ka.


O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang.


“O se ke wa kgumamela modimo osele, hobane Morena, eo lebitso la hae e leng Sebouledi, ke Modimo ya boulelang.


Ya sa mphumaneng o ipea kotsing, bohle ba ntlhoileng bona ba rata lefu.”


ke patsi eo motho a besang mollo ka yona; e nngwe ya yona o ikomosa ka yona, a bese mollo ho pheha bohobe. O betla le modingwana ka yona, a o kgumamele, a etse modimo wa bohata, a o obamele.


Ha ho ya keng a inahane, ha ho ya nang le tsebo kapa kutlwisiso ya ho re: “Ke besitse mollo ka patsi e nngwe, ka pheha bohobe ka mashala a yona, ka besa le nama ka ba ka e ja. Na nka etsa modingwana ka patsi e setseng? Na nka obamela sekoqo sa patsi?”


“Kahoo ke tla le qosa,” ho rialo Morena, “ke be ke qose le tloholwana tsa lona.


O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao.


“Empa lona le a botsa, le re: ‘Ke hobaneng ha mora a sa jariswe bokgopo ba ntatae?’ Ha mora a entse ho lokileng, ho nepahetseng, a bolokile ditaelo tsa ka, a di phethile, ruri o tla phela.


“Lona batho, le bolelang ka maele aa, ha le bua ka naha ya Iseraele, le re: “ ‘Bo-ntata ba jele morara o bodila, jwale meno a bana a a thella’?


Yaba ke re ho ditloholo tseo: “Motho ka mong a furalle manyala a hohelang mahlo a hae, mme le se ke la itshilafatsa ka medingwana ya bohata ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.”


“Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Jwale ke tla kgutlisa ba ntlo ya Jakobo bothopuweng, ke hauhele bohle ba ntlo ya Iseraele, mme ke boulele lebitso la ka le halalelang.


A otlolla ntho e kang letsoho, a ntshwara ka moriri. Moya wa mphahamisetsa pakeng tsa lehodimo le lefatshe, mme ka dipono tsa Modimo Moya oo wa mphihlisa Jerusalema, monyakong wa kgoro e kahare, o tadimileng leboya. Teng ho ne ho ena le setulo sa modingwana o bakang lefufa!


Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.


Empa haeba ho ke ke ha eba jwalo, ako tsebe, wena kgosi, hore re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, kapa ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.”


nna ke tla halefela monna eo le ba leloko la hae. Ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo, mmoho le bohle ba mo etsisang, ba sebeletsang Moloke.


“ ‘Le se ke la iketsetsa medimo ya bohata, le ditshwantsho tse betlilweng, kapa la itlhomela difika tseo le di kgumamelang; le se ke la haha ditshwantsho tsa majwe naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.


Le tla ja nama ya bara le baradi ba lona.


Morena ke Modimo ya boulelang, Morena ya phetetsang, Morena o a phetetsa, o tletse kgalefo; Morena o iphetetsa ho ba mo lwantshang, kgalefo ya hae e tlokela dira tsa hae.


‘Morena o dieha ho halefa, o na le mohau o moholo, o tshwarela bokgopo le ditlolo, empa a ke ke a tlohela ho otla ba molato; o otla bana le ditloholo ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.’


Bana ba lona ba tla lelera lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ka baka la ho se tshepahale ha lona, ho fihlela ditopo tsa lona di timellela lehwatateng.


“Finiase, mora wa Eleasare, setloholo sa moprista Arone, o fapositse kgalefo ya ka ho bana ba Iseraele, hobane ke yena feela hara bona ya mpoulelang jwalokaha ke boulela. Ke ka baka lena ha ke ne ke halefile ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele.


a re ho yena: “Tsena tsohle ke tla o fa tsona ha o ka itihela fatshe, wa nkgumamela.”


“Ha lefatshe le le hloya, tsebang hore le ile la ntlhoya pele ho lona.


Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.


Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: “Rabbi, ya entseng sebe ke mang? Ke yena, kapa batswadi ba hae, ha e le moo a tswetswe a foufetse?”


baetseletsi, ba hloileng Modimo, baikakasi, baikgohomosi, baithorisi, baqapi ba tse mpe, ba sa utlweng batswadi,


Ya thahasellang tsa botho ke sera sa Modimo: Ha a ikokobetse tlasa Molao wa Modimo, etswe o a sitwa.


Kapa na re ka phephetsa Morena? Na re mo feta ka matla?


Ba mphepheditse ka hoo e seng Modimo, ba nkgalefisa ka medimo ya mafeela; ke tla ba phephetsa ka bao e seng setjhaba, ke ba halefise ka tjhaba se hloka kelello.


Ke tla leotsa sabole ya ka ya lebenyane, ke tshware kahlolo ka letsohong la ka, ke iphetetse ho dira tsa ka, ba ntlhoileng ke ba buseletse.


Morena Modimo wa lona, ke mollo o timetsang, ke Modimo ya boulelang.”


Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete.


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna, Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba nltlhoileng.


esere kgalefo ya Modimo wa hao ya o tlokomela, a o timetsa lefatsheng, hobane Morena Modimo wa hao, ya phelang le wena, ke Modimo ya boulelang.


Ba mo hloyang sefahlamahlo o ba putsa ka ho ba timetsa. Ba mo hloyang sefahlamahlo ha a ba diehele, o ba timetsa hanghang.


Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.


Haeba le roba selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a le laetseng sona, eba le a tsamaya le ilo sebeletsa medimo e meng, le a e kgumamela, bohale ba Morena bo tla le tlokomela, mme le tla timela ka ho panya ha ntshi naheng ena e ntle, eo a le neileng yona.”


Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela.


Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona.


Empa e ne e ye ere ha moahlodi a eshwa, ba boele mekgweng ya bona, ba etse tse kgopo le ho feta bo-ntata bona; ba boele ba latele medimo e meng, ba e sebeletse, ba e kgumamele. Ba ne ba sa ke be ba tlohele mesebetsi ya bona e kgopo, kapa manganga a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos