Eksoda 20:4 - BIBELE4 “O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong; kapa e tlase, lefatsheng; kapa e metsing, katlase ho lefatshe. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)4 O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho se le seng sa tse hodimo mahodimong, leha e le sa tse tlase lefatsheng, leha e le sa tse metsing katlase ho lefatshe. Ver Capítulo |
Setshwantsho se betlilweng sa modimo wa bohata, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida, le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumamellwa teng kamehla yohle.
Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya.
Mmika a kgutlisetsa ho mmae tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro. Mmae a re: “Silefera ena e tswang letsohong la ka ke e abela Morena, ka baka la mora wa ka, hore ho etswe setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng. Ka baka leo, ke e kgutlisetsa ho wena.”