Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala.
1 Samuele 1:12 - BIBELE Ha a se a nkile nako e telele a ntse a rapela Morena, Eli a nna a tadima molomo wa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Ya na ya re ha a tiisa ho rapela pela Jehova, Eli a ela melomo ya hae hloko; |
Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala.
Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.
Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.
A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.”
Anna o ne a rapela ka pelo, a ntse a bebenya melomo feela, empa lentswe la hae le sa utlwahale. Ka baka leo, Eli a hopola hore mosadi eo o tahilwe.