La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 7:9 - BIBELE

Empa haeba ba sitwa ho itshwara, ba mpe ba nyale, hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjheswa ke takatso.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa ekare ha ba sitwa ho itshwara, ba nyale; hobane haele ho nyala, e le ho tjha, ho molemo ke ho nyala.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa ha ba sa kgone ho itshwara, a ba nyale; hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjha.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa ha ba sa kgone ho itshwara, a ba nyale; hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjha.

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 7:9
8 Referencias Cruzadas  

Ha ho ya ka hanyetsang tsena; ka baka leo, eka kgona le kgutse, le se ke la etsa letho ka potlako.


Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.


Haeba o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe. Empa ba nyalanang ba tla ba le matshwenyeho bophelong bona, mme lona ke a le qenehela.


Ha motho a lekanya hore e ka ba ntho e dihlong, ha moradi wa hae e le lefetwa, mme a hopola hore eka kgona taba eo e lokiswe, a etse kamoo a ratang kateng. Ha a etse sebe ha a ka mo nyadisa.


Mosadi ya nyetsweng o tlamahantswe le monna wa hae, ha monna a sa phela. Ha monna a se a shwele, mosadi o lokolohile, a ka nyalana le eo a mo ratang, empa e be lenyalo la Sekreste.


e mong le e mong wa lona a ithute ho inkela mosadi eo a tla phela le yena ka mokgwa o halalelang, o hlomphehang.


Bahlolohadi ba sa leng batjha bona o ba hane, hobane ha ditakatso tsa bona di ba furallisa Kreste, ba tla rata ho nyalwa hape.


Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.