La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 4:9 - BIBELE

Ke bona e ka rona baapostola, Modimo o re entse ba ho qetela, jwaloka ba ahloletsweng lefu. Re fetohile sebonwang-se-bonwa-ke-bohle ho lefatshe, ho mangeloi le ho batho.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Athe ha ke lekanya, ho jwaloka hoja Modimo o re beile morao, rona baapostola, ka mokgwa wa ba rerilweng ho bolawa; hobane re pepesitswe pela lefatshe, le pela mangeloi, le pela batho.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane ke re, rona baapostola Modimo o re beile morao jwaloka ba kgethetsweng lefu;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane ke re, rona baapostola Modimo o re beile morao jwaloka ba kgethetsweng lefu;

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 4:9
21 Referencias Cruzadas  

na Modimo a ka be a sa sibolla hoo, yena ya tsebang diphiri tse ka dipelong?


Ke jwaloka mohlolo ho ba bangata, empa wena o setshabelo sa ka sa nnete.


Ekaba ke ne ke tswelang popelong ya mme, hore ke tlo bona ditsietsi le maswabi, bophelo ba ka ke bo qete ke le dihlong?


Motse wa tlala pherekano, mme batho ba phallela lebaleng la dipapadi mmoho, ba tshwere banna ba babedi, Gaiose le Arisetarekose, ba tswang Masedonia, ba neng ba feleheditse Paulosi leetong.


Ba bang ba ka sehloohong pusong ya Asia, bao e neng e le metswalle ya hae, le bona ba mo romela molaetsa, ba mo rapela hore a se ke a ya itlhahisa lebaleng la dipapadi.


Jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ka baka la hao re bolawang ka mehla, re nkwang re le dinku tse hlajwang.”


Haeba Kreste re mo tshepetse bophelo bona feela, re madimabe ho feta batho bohle.


Na ke bahlanka ba Kreste? Ke bua jwaloka lehlanya, ke re: Ke a ba feta! Ke sebeditse ka thata ho ba feta, ke bile tjhankaneng hangata ho ba feta, ka shapuwa haholo ho ba feta, mme ka makgetlokgetlo ke bile ntshing tsa lefu.


re le ba sa tsejweng, empa re tsejwa hantle; re le ba shwang, empa bonang re a phela; re le ba kgalemelwang ka ho shapuwa, empa re sa bolawe;


Ra etsa jwalo hore ho se be le ya mong wa lona ya ka sisinngwang ke matshwenyeho ana, hobane le a tseba hore matshwenyeho ana ke kabelo ya rona.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


Ka nako e nngwe le ile la fetolwa se-bonwang-se-bonwa-ke-bohle ka ho hlapaolwa le ka ho hloriswa; ka nako e nngwe la etswa balekane ba ba etswang tse jwalo.


Ba bang ba ile ba feta hara ditshomo le ditjhapo, ba kenngwa ditlamong le ditjhankaneng.