“Motho ke ntho nngwe, hoo a ka bang le tlhweko? Ya tswetsweng ke mosadi yena a ka loka jwang?
1 Bakorinthe 4:4 - BIBELE Ha ke ipone molato wa letho, empa hona ha ho bolele hore ha ke na molato. Ya nkahlolang ke Morena. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ha ke ikutlwe letho la molato; leha ho le jwalo, ha ke a bewa ya lokileng ke hona, empa ya nkahlolang ke Morena. Baasraak Sotho NT Hobane ha ke tsebe letho ka bonna; leha ho le jwalo ha ke a bewa ya lokileng ka hona: empa ya nkahlolang ke Jehova. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ha ke tsebe letho ka bonna; leha ho le jwalo ha ke a bewa ya lokileng ka hona: empa ya nkahlolang ke Jehova. |
“Motho ke ntho nngwe, hoo a ka bang le tlhweko? Ya tswetsweng ke mosadi yena a ka loka jwang?
Motho a ka lokafatswa jwang mahlong a Modimo? Ya tswetsweng ke mosadi a ka hlweka jwang?
“Ho loka ha ka ke boshwa-bo-tshwerwe, ha ke ntse ke phela tswalo le ke ke la nkgwebetha.
Leha eba ke se molato, ke tsuwa ke molomo wa ka, leha eba ke se na kodi, wona o tla nthwesa molato.
Morena, ha o tshwaya diphoso, o tshwaya phoso tsa rona, ke mang, Morena, ya ka phelang?
Motho o bona tsela tsohle tsa hae, o di bona di nepahetse, empa Morena ke yena ya lekolang pelo.
A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!
Paulosi a tadimisisa lekgotla, a re: “Banna ba heso, ke nnile ka phela ka letswalo le kgutsitseng pela Modimo ho fihlela ka letsatsi lena.”
Ba lokileng pela Modimo hase ba utlwang Molao ka ditsebe feela, empa ba phethang Molao ke bona ba tla lokafatswa.
Haeba Aborahama a lokafaditswe ka baka la diketso tsa hae, o na le seo a ka ithorisang ka sona, empa a ke ke a ithorisa pela Modimo.
Ho nna ha ho na taba ha ke ahlolwa ke lona kapa ke lekgotla la lefatshe; esita le nna ha ke ikahlole.
Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.
Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.
hobane eka kgona diketso tsa rona bohle di pepeswe pela setulo sa Kreste sa kahlolo, e le hore motho ka mong a amohele se mo lokelang, ka ho ya ka tse ntle kapa tse mpe tseo a di entseng, ha a sa ntsane a phela mmeleng.