ha ke tshwanelwe ke mohau wohle le botshepehi bohle, e leng tseo o sebeleditseng mohlanka wa hao ka tsona. Ke ne ke tshele Jorodane ke nkile molamu wa ka feela, empa jwale ke na le dihlopha tse pedi.
Hoba Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo ja, yaba o re ho Morena: “Ke o sitetswe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale ke a o rapela, Morena: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”
Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”
Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena o lokile, hobane ke mona kajeno re mesaletsana e phonyohileng, mme re kapele ho wena re ntse re le hara melato ya rona, le hoja re ke ke ra ema kapele ho wena, ka baka la yona.”
Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke bile ke tshaba le ho tadimana le wena, Modimo wa ka. Bokgopo ba rona bo re hlwele dihlooho, dibe tsa rona di lalellane hodimo ho ya fihla mahodimong.
Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”
Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola.
Ke tla o tshwarela dibe tsohle tseo o di entseng, empa o tla nne o di hopole, o hlajwe ke dihlong hoo o ke keng wa ahlamisa molomo wa hao, ho rialo Morena Modimo.’ ”
“Oho, Morena, o lokile, empa rona re hlajwa ke dihlong kajeno, rona banna ba Juda, le baahi ba Jerusalema le Baiseraele bohle ba haufi le ba hole, ba dinaheng tsohle tseo o ba qhalanyeditseng ho tsona ka baka la ho o hlokela botshepehi.
Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala, le reng Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe, bao nna ke leng e mobehadi hara bona.
Ba re ho yena: “Kgutsa! Bea letsoho molomong, o tsamaye le rona, mme o be ntata rona le moprista wa rona. Ho molemo ho wena ke hofe: Ho ba moprista wa lelapa la motho a le mong, kapa ho ba moprista wa morabe le wa lelapa la Iseraele?”