1 Bakorinthe 4:3 - BIBELE Ho nna ha ho na taba ha ke ahlolwa ke lona kapa ke lekgotla la lefatshe; esita le nna ha ke ikahlole. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme haele ka nna, e ka ba nthwana e nyenyane ho ahlolwa ke lona, leha e le ka kahlolo ya batho; esita e le nna, ha ke ikahlole. Baasraak Sotho NT Empa ho nna ke ntho e nyenyane ho ahlolwa ke lona, leha e le ka kahlolo ya batho; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ho nna ke ntho e nyenyane ho ahlolwa ke lona, leha e le ka kahlolo ya batho; |
Motho ya nang le Moya o Halalelang o hlalohanya tsohle, athe yena ha ho ya ka mo ahlolang.
mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong.
Ha ke ipone molato wa letho, empa hona ha ho bolele hore ha ke na molato. Ya nkahlolang ke Morena.
Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”