O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao.
1 Bakorinthe 3:7 - BIBELE Ka hona ya lemang hase letho, le ya nwesetsang hase letho, empa eo e leng letho ke Modimo ya medisang. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho le jwalo, ya nang le taba hase ya hlomang, leha e le ya nosetsang, empa e le Modimo o medisang. Baasraak Sotho NT Jwale, ya lemang hase letho, leha e le ya nosetsang; empa ke Modimo ya medisang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale, ya lemang hase letho, leha e le ya nosetsang; empa ke Modimo ya medisang. |
O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao.
Morena Modimo wa rona a ke a be mosa ho rona, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona, e, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona.
Bonang, medingwana eo ke ya bohata! Mesebetsi ya yona ke ya lefeela, medingwana ya bona ke lefeela le kang moya!”
Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’
“Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.
Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.
Ya lemang le ya nwesetsang ba a tshwana, mme e mong le e mong o tla amohela moputso ho ya ka mosebetsi wa hae.
Ke fetohile sethoto, hobane ke lona ba ntlamileng ho ba jwalo. Ke ne ke lokela ho pakwa ke lona, etswe leha ke se letho, baapostolahadi bao ha ba mphete ka letho.
empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.