Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 12:11 - BIBELE

11 Ke fetohile sethoto, hobane ke lona ba ntlamileng ho ba jwalo. Ke ne ke lokela ho pakwa ke lona, etswe leha ke se letho, baapostolahadi bao ha ba mphete ka letho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ke fetohile lehlanya ka boithoriso; ke lona le ntlamileng, hobane ke ne ke loketse ho emelwa ke lona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ke fetohile lehlanya ka boithoriso; ke lona le ntlamileng, hobane ke ne ke loketse ho emelwa ke lona;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 12:11
17 Referencias Cruzadas  

Motho ha a ithorise o roriswa ke ba bang, a ka roriswa ke basele, e seng yena a ithorise.


Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng: ‘Re bahlanka ba se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.’ ”


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.


e ka ba Paulosi, kapa Apolosi, kapa Kefase, kapa lefatshe lena, kapa bophelo, kapa lefu, kapa tse teng, esita le tse tlang. Tsena tsohle ke tsa lona,


Ha re tshwenyeha, hona ho le tlisetsa tshediso le pholoho; haeba re a tshediswa, hona ho le tlisetsa tshediso e le thusang ho mamella mahloko ao le rona re a mamellang.


Hoja la ka la mamella bothotonyana ba ka! Etsang jwalo hle!


Empa ha ke kgolwe hore baapostolahadi bao ba mpheta ka letho.


Tse bonahatsang hore ke moapostola wa nnete di entswe hara lona ka mamello yohle: ke mehlolo, dimakatso, le diketso tse matla.


Leha nka rata ho ithorisa, ke tla be ke se sethoto, hobane ke tla be ke bua nnete. Empa ha ke etse jwalo, esere e mong a nkuka ke feta seo a se bonang ho nna, kapa a se utlwang ka nna.


Na re boela re qala ho ikemela? Kapa jwaloka ba bang, re hloka mangolo a re emelang ho lona, kapa a tswang ho lona?


Haeba re sa nke hantle ke ka baka la Modimo; haeba re nka hantle, ke ka baka la lona.


Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa.


Nna ke e monyenyane hara badumedi bohle, empa ke abetswe mosebetsi ona o kgethehileng, wa ho bolella baditjhaba molaetsa o molemo wa menono e ke keng ya lekanngwa ya Kreste,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos