Ka tadima, mme ka hloka motho teng; hara bona ha ho ya senolang, ha ho eo nka mmotsang a nkaraba.
Tshenolo 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ho ne ho se e mong lehodimong, leha e le lefatsheng, leha e le katlase ho lefatshe, ya neng a ka tseba ho phetla buka, leha e le ho e tadima. BIBELE Empa ho ne ho se motho lehodimong, kapa lefatsheng, kapa botebong ba lefatshe, ya ka phetlang buka, leha e le ho e bala. Baasraak Sotho NT Mme ho ne ho se motho lehodimong, leha e le lefatsheng, leha e le ka tlase ho lefatshe, ya neng a ka phetla buka, leha e le ho e tadima. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ho ne ho se motho lehodimong, leha e le lefatsheng, leha e le ka tlase ho lefatshe, ya neng a ka phetla buka, leha e le ho e tadima. |
Ka tadima, mme ka hloka motho teng; hara bona ha ho ya senolang, ha ho eo nka mmotsang a nkaraba.
hore lebitsong la Jesu, mangwele wohle a ba mahodimong, le lefatsheng, le katlase ho lefatshe, a kgumame;
Mme ka utlwa dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse katlase ho lefatshe, le tse lewatleng, le tse ho tsona kaofela, di re: Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana, e be teboho, le hlompho, le kganya, le matla, mehleng le mehla!
Mme nna, ka lla haholo, hobane ho ne ho se ya loketseng ho phetla buka, le ho e bala, leha e le ho e tadima.