Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 hore lebitsong la Jesu, mangwele wohle a ba mahodimong, le lefatsheng, le katlase ho lefatshe, a kgumame;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 e le hore, ha ho bitswa lebitso la Jesu, mangwele wohle a lehodimong, le a lefatsheng, le a katlasa lefatshe, a tle a kgumame,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 hore ka Lebitso la Jesu lengole lohle le kgumame, la tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse katlase ho lefatshe;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hore ka Lebitso la Jesu lengole lohle le kgumame, la tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse katlase ho lefatshe;

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 2:10
17 Referencias Cruzadas  

A mo dudisa koloing e hlahlamang ya hae, mme ha hoeletswa kapele ho yena, ha thwe: Inamang! mme a mmea hodima lefatshe lohle la Egepeta.


Tloong, re kgumameng, re inameng, re we ka mangole pela Jehova, Mmopi wa rona!


Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo tshwarisa leqala letsohong la hae le letona, mme ba kgumama ka mangwele pela hae, ba mo soma, ba re: Dumela, morena wa Bajuda!


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Empa Modimo o kile wa mo araba jwang? O itse: Ke ipoloketse banna ba dikete tse supileng, ba sa kang ba kgumama pela Baale.


hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng.


Ke ka baka leo ke kgumamang pela Ntata Morena wa rona Jesu Kreste,


Mme ho nyoloha hoo ke ho reng, haese ho re, o ne a theohetse pele dibakeng tse ka tlasetlase tsa lefatshe?


Hape, mohla o tlisang Mora wa wona wa letsibolo lefatsheng, o itse: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.


Lewatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntsha bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahlolwa ka mesebetsi ya hae.


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba ne ba wa ka mangwele pela ya dutseng teroneng, ba rapela ya phelang kamehla le mehla, mme ba ne ba akgela meqhaka ya bona pela terone, ba re:


Mme ho ne ho se e mong lehodimong, leha e le lefatsheng, leha e le katlase ho lefatshe, ya neng a ka tseba ho phetla buka, leha e le ho e tadima.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos