La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Tshenolo 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha, kamoo o boleletseng bahlanka ba wona, baporofeta kateng.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha matsatsi a hore lengeloi la bosupa le bue a se a fihlile, etlare ha le qala ho letsa terompeta, e tla ba sephiri sa Modimo se phethahetse, jwalokaha a ne a bolelle bahlanka ba hae, baporofeta.”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha le letsa terompeta ya lona, diphiri tsa Modimo di tla be di phethehile, jwalokaha a ne a boleletse bahlanka ba wona baporofeta.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha le letsa terompeta ya lona, diphiri tsa Modimo di tla be di phethehile, jwalokaha a ne a boleletse bahlanka ba wona baporofeta.

Ver Capítulo



Tshenolo 10:7
9 Referencias Cruzadas  

Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


eo lehodimo le tshwanetseng ho ba le yena ho be ho fihle mehla ya tokiso ya dintho tsohle, eo Modimo o e boletseng ka melomo ya baporofeta ba halalelang ba wona bohle, haesale le tshimolohong.


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,


Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.