Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.
Sofonia 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ya tlosa, ke tlosetse ruri tsohle tse hodima lefatshe, ho bolela Jehova. BIBELE “Tsohle tse lefatsheng ke tla di fedisa,” ho rialo Morena. |
Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.
Leha sera sa Siria se ne se tlile e le sa batho ba seng bakae, leha ho le jwalo, Jehova a neela sera se seholo haholo matsohong a sona, kahobane Bajuda ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona; ha ho le jwalo, Basiria ba phetha dikahlolo hodima Joase.
hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, ho fihlela lefatshe le phetha Disabatha tsa lona; la fela la lala ka motsotso wohle oo le ileng la etswa nahathothe ka wona, hore ho be ho phethehe dilemo tse mashome a supileng.
Yaba ke re: Ho fihlela neng, Morena? A re: Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi, le matlo a hloka batho, le naha e senyeha, e eba lesupi;
Bonang, ke a laela, ho bolela Jehova, mme ba tla boela ho motse ona, ba o lwantshe, ba o hape, ba o t hese ka mollo, le metse ya Juda ke e etse lefeella le sa neng baahi.
Mme bakeng sa Jojakime, morena wa Juda, o bolele, o re: Ho itswe ke Jehova: O tjhesitse maqephe ao a lengolo, wa re: O ngoletseng ho wona taba e reng: Kannete ho tla tla morena wa Babilona, a senye lefatshe lena, a le hlokise motho leha e le kgomo?
Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.
Jehova o entse seo a neng a se rerile, o phethile polelo ya hae eo a neng a e laetse esale le mehleng ya kgale; o ripitlile, mme ha a ka a qenehela; o thabisitse ba o hloileng, o phahamisitse lenaka la bao e leng dira ho wena.
Empa lefatshe le tla senyeha ka baka la baahi ba lona, ka baka la tholwana ya metsamao ya bona.