Davida a re ho yena: Se tshabe, hobane ke fela ke tla o etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntatao, ke busetse ho wena le masimo wohle a ntatao Saule; wena, o tla nne o je dijo tafoleng ya ka kamehla.
Sakaria 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho ne ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ahlolang ka kahlolo ya nnete, le etse ka mohau le ka lereko, e mong le e mong ho ngwanabo; BIBELE “Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko. |
Davida a re ho yena: Se tshabe, hobane ke fela ke tla o etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntatao, ke busetse ho wena le masimo wohle a ntatao Saule; wena, o tla nne o je dijo tafoleng ya ka kamehla.
mme matheka a bona a sa ka a ntlhohonolofatsa, mme ba sa ka ba futhumala ka boya ba dikonyana tsa ka;
Motswalle wa ya swabileng e ka kgona a mmontshe lerato; ha ho se jwalo a ka tshoha a lesa ho tshaba Ya matla wohle.
Lona ntlo ya Davida, Jehova o re: Etsang kahlolo e lokileng ka hosasa ho hong le ho hong, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, esebe kgalefo ya ka e ka tswa jwaloka mollo, e a tjhesa, mme ho se be ya ka e timang ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.
Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.
Empa ke yona taba eo ke ba laetseng yona, ka re: Le nne le mamele lentswe la ka, mme ke tla ba Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka, le tsamaye mehlaleng yohle eo ke le laelang yona, le tle le hlohonolofale.
Ekare ha le baka ruri mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, ha le etsa kahlolo ya nnete mahareng a motho e mong le wa habo;
ha a sa adime ka phahello, a sa nke katiso ha a ntsha letsoho la hae bokgopong, leha a ahlolela batho ba tlisaneng nyeweng ka tshwanelo,
Morena Jehova o re: Oho, marena a Iseraele, ho lekane! Tlosang bothata le tshenyo, etsang ka taelo le ka ho loka; le se ke la hlola le leleka setjhaba sa ka: ho bolela Morena Jehova.
Efraime ke Mokanana (mohwebi); letsohong la hae o tshwere sekala sa bohata, o rata ho thetsa.
Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.
Empa kahlolo e tla matha jwaloka metsi, le ho loka jwaloka noka e sa phetseng ho phalla.
Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.
Na ha le elellwe mantswe ao Jehova a neng a a bua ka baporofeta ba pele, ha motse wa Jerusalema o sa ntse o ahilwe, o dutse ka kgotso, metse ya wona e le kamathoko ho wona, naha e ka nqa borwa le lehwatata di sa ahilwe?
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena le anetha le kumine, mme le siya hoo e leng boholo ba molao, e leng tokiso, le mohau, le tumelo; anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.
Empa ho madimabe lona, bafarisi, hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena, le ya serue, le ya meroho yohle, mme le feta ho loka le lerato la Modimo! Anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.
Na molao wa rona o ka hla wa ahlola motho a eso ho utluwe, ho eso ho tsejwe seo a se entseng na?
Etlere ha o bona kgomo ya ngwaneno, kapa nku ya hae, di lahlehile, o se ke wa di fapoha, o mpe o di busetse ho ngwaneno.