Bona, ke nna ke bopileng lelala le futhang mashala nekong, le teang lerumo kamoo le hopotseng kateng, mme esale nna ke bopileng mosenyi ho senya.
Sakaria 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka boela ka emisa mahlo a ka, mme ka bona monna ya tshwereng kgwele ya ho lekanya letsohong la hae. BIBELE Ka boele ka tadima, mme ka bona motho ya tshwereng kgwele e methang! |
Bona, ke nna ke bopileng lelala le futhang mashala nekong, le teang lerumo kamoo le hopotseng kateng, mme esale nna ke bopileng mosenyi ho senya.
Kgwele ya tekanyo ha e tloha teng, e tla leba lerallaneng la Garebe, mme e pote ho fihlela Gowa.
A ntlisa hona teng; teng ka bona monna eo ponahalo ya hae e neng e ka ponahalo ya koporo, a tshwere kgwele ya line letsohong la hae le thupa ya ho lekanya, a eme monyako.
Yaba ke bona lerako le potang ntlo kantle, mme letsohong la monna eo, ho ne ho na le thupa ya ho lekanya e ditswe tse tsheletseng, tswe se seng sa yona se ne se lekane le tswe se le seng sa tekanyo ya kgale se nang le seatla. A lekanya bophara ba lerako, e le thupa e le nngwe, le bophahamo ba lona, e le thupa e le nngwe.
Eitse ha monna eo a tswela ka nqa botjhabela, o ne a ena le kgwele letsohong la hae; mme a lekanya sebaka sa ditswe tse sekete, a ntshedisa metsi ao; metsi ao a ne a fihla maqaqailaneng a maoto.
A boela a lekanya ditswe tse sekete, a boela a ntshedisa metsi; metsi a fihla mangweleng. A boela a lekanya ditswe tse sekete, a ntshedisa; teng metsi a ne a fihla lethekeng.
Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.
Ka baka leo, ho bolela Jehova, ke boela ho Jerusalema ka mohau, ntlo ya ka e tla hahuwa teng, ho bolela Jehova wa makgotla, kgwele ya ho lekanya e otlollwe hodima Jerusalema.
Yaba ke newa leqala le kang thupa, mme lengeloi la re ho nna: Ema, mme o lekanye tempele ya Modimo, le aletare, le batho ba rapelang ho yona.
Ya buang le nna o ne a tshwere leqala la kgauta la ho lekanya motse le menyako ya wona le lerako la wona.