Modimo wa re ho yena torong: Le nna ke a tseba hobane o entse hoo ka pelo e hlwekileng, mme ke bile ke o thibetse hore o tle o se ke wa ntshitelwa; ke ka baka leo ke sa kang ka o lesa le hore o mo ame.
Ruthe 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) mahlo a hao a tadime tshimo eo ba e helang, o ba sale morao. Ha ke re, ke laetse bahlankana hore ba se ke ba o ama? Leha o ka nyorwa, o ye dinkgong, o nwe se kgilweng ke bahlankana. BIBELE O shebe feela tshimo eo a e kotulang, o a sale morao. Ke laetse bahlanka ba ka hore ba se ke ba o tshwenya. Ha o nyorilwe, o ye dinkgong, mme o nwe metsi a kgilweng ke bahlanka ba ka.” |
Modimo wa re ho yena torong: Le nna ke a tseba hobane o entse hoo ka pelo e hlwekileng, mme ke bile ke o thibetse hore o tle o se ke wa ntshitelwa; ke ka baka leo ke sa kang ka o lesa le hore o mo ame.
Nkgauheleng, nkgauheleng, lona metswalle ya ka, hobane letsoho la Modimo ke lona le nkotlileng.
Ho dutse jwalo le ya yang ho mosadi wa wa habo; ya mo amang, leha e le mang le mang, a ke ke a hloka molato.
E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahoba a ena le lebitso la morutuwa wa ka, kannete ke re ho lona: a ke ke a timellwa ke moputso wa hae.
Jwale, haele ka taba tseo le nngoletseng tsona, nka re: Ho ka ba molemo ho monna ha a sa ame mosadi.
Re a tseba hoba e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.
Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba?
Ebile Boase o re ho Ruthe: O a utlwa, moradi wa ka, o se ke wa ya thonaka tshimong e nngwe, leha e le ho ya hosele; o sale mona le barwetsana ba ka;