Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ebile Boase o re ho Ruthe: O a utlwa, moradi wa ka, o se ke wa ya thonaka tshimong e nngwe, leha e le ho ya hosele; o sale mona le barwetsana ba ka;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Boase a re ho Ruthe: “Mamela mona, ngwanaka: O se ke wa ya kgwahlapisa tshimong e nngwe, mme o se ke wa tloha mona. O sebetse mona le makgabunayne ana a ka.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 2:8
11 Referencias Cruzadas  

Yaba bahlanka ba hae ba mo atamela, ba mmolella, ba re: Ntate, hojane moporofeta a o laetse ntho e kgolo, ha re re, o ka be o e entse na? Haholo ha a itse ho wena: Ya itlhatswa, o hlweke.


Etlare ha le kotula masimo a naha ya lona, o se ke wa kotudisa lehlakore la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonakisa se ka salang tshimong.


Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.


Jesu a reteleha, a mo tadima, a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse. Mme nakong yona eo, mosadi a fola.


Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.


O itse: Ntumelle ke thole, ke thonake pela mangata, ke ntse ke setse bahedi marao. O kene jwalo, o nnile a thonaka haesale hosasa, ho fihlela jwale, haese motsotso oo a keneng tlung ho phomola hanyenyane.


mahlo a hao a tadime tshimo eo ba e helang, o ba sale morao. Ha ke re, ke laetse bahlankana hore ba se ke ba o ama? Leha o ka nyorwa, o ye dinkgong, o nwe se kgilweng ke bahlankana.


Empa Eli a bitsa Samuele, a re: Samuele, ngwana ka! Samuele a araba, a re: Ke nna enwa.


Jehova a boela a bitsa: Samuele! Samuele a tsoha, a tla ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Eli a re: Ha ke a o bitsa, ngwana ka; kgutla, o robale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos