Ruthe 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Boase a araba, a re ho yena: Ho tsebiswa ke tsebisitswe hohle kamoo o entseng matsalao kateng, haesale ho timela monna wa hao, kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona o bileng o tlile tjhabeng seo o neng o sa se tsebe pele. BIBELE Boase a mo araba, a re: “Ke boleletswe tsohle tseo o di etseditseng matsalao, haesale monna wa hao a eshwa. Ke boleletswe le kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona, wa tla setjhabeng seo pele ho mona, o neng o sa se tsebe. |
Mamela, moradi wa ka, o lemohe, o sekehe ditsebe! Lebala setjhaba sa heno le ntlo ya ntatao!
Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong hara lona, ya sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.
Na haele ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao, e le ho re: Ema, o tsamaye, ho bonolo ke hofe na?
Naomi a re: Kgutlang, baradi ba ka; ke ha le elang le nna? Hleka le re, ke sa na le bana popelong ya ka, e tle e be banna ba lona na?
Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba?
Jehova a putse mosebetsi wa hao, mme moputso o phethehileng wa hao o tswe ho Jehova, Modimo wa Iseraele, eo o tlileng ho tshabela katlasa dipheo tsa hae.
Boase a re: O hlohonolofatswe ke Jehova, moradi wa ka, hobane o entse sa morao hantle ho feta sa pele, kamoo o sa kang wa latella bahlankana kateng, leha e le ba ruileng, leha e le ba fumanehileng.
A e ke e be motshedisi wa moya wa hao, le mofepi wa boqheku ba hao, etswe a tswetswe ke ngwetsi ya hao e o ratang, e leng motho ya molemo ho wena le ho feta bara ba supileng.