La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Bana ba Iseraele a ba ke ba etse Paseka ka nako e beilweng.

Ver Capítulo

BIBELE

“Bana ba Iseraele ba tla etsa mokete wa Paseka ka nako ya wona.

Ver Capítulo



Numere 9:2
12 Referencias Cruzadas  

Ebile morena a laela setjhaba sohle, a re: Etsetsang Jehova, Modimo wa lona, Paseka, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ena ya selekane.


Mme Josiase a etsetsa Jehova Paseka, Jerusalema; Paseka ba e hlaba ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele.


Hape ba kgutlileng kgolehong ba etsa Paseka ka la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele.


Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya, e tla ba Paseka ya Jehova.


Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, e tla ba Paseka ya Jehova.


Le tla e etsa ka nako e beilweng, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi yona ena, ka nako ya mantsiboya; le tla e etsa ka ditaelo tsohle le ka melao yohle e beetsweng yona.


Ka letsatsi la pele la mokete wa mahobe a se nang ditomoso, e leng leo ho hlajwang Paseka ka lona, barutuwa ba hae ba re ho yena: O rata ha re ya o lokisetsa kae, o tle o je Paseka?


Eitse letsatsi la mahobe a se nang ditomoso ha le fihlile, leo batho ba tshwanetseng ho hlaba Paseka ka lona,


Bana ba Iseraele ba emisa Gilgale, ba etsa Paseka ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, nakong ya mantsiboya, mahwatateng a Jeriko.