Ka letsatsi la leshome le metso e mene la yona kgwedi ena, ka phirimana, le tla etsa mokete wa Paseka ka nako ya wona. Le tla o etsa ho ya ka melao yohle ya wona, le ho ya ka ditaelo tsohle tsa wona.”
Ka letsatsi la pele la mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ha ho hlajwa dikonyana tsa Paseka, barutuwa ba Jesu ba re ho yena: “O rata ha re ya o lokisetsa ho jela Paseka kae?”
Bana ba Iseraele ba nna ba hlola Gilegale, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi eo, ka phirimana, ba keteka mokete wa Paseka diphuleng tsa Jeriko.