Hape, o etse dikerubime tse pedi tsa kgauta: o tle o di etse ka kgauta e teilweng, o di bee dintlheng tse pedi tsa sekwahelo.
Numere 8:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele kandelare, e ne e entswe jwana: e ne e entswe ka kgauta e teilweng. Ho tloha kutung ya yona, ho isa dipaleseng tsa yona, e ne e teilwe, e sebeditswe ka tekanyetso eo Jehova a neng a e bontshitse Moshe. BIBELE Sedulwana se ne se entswe ka kgauta e thutsweng; ho tloha lenonong la sona ho isa dipaleseng tsa sona, e ne e le ntho e le nngwe, e le mosebetsi o thutsweng, ho ya ka setshwantsho seo Morena a neng a se bontshitse Moshe. |
Hape, o etse dikerubime tse pedi tsa kgauta: o tle o di etse ka kgauta e teilweng, o di bee dintlheng tse pedi tsa sekwahelo.
Le tla etsa tsohle ka tekanyetso ya tabernakele le ya mesebetsi yohle ya yona, kamoo ke le bontshang kateng.
Ha etswa dikerubime tse pedi tsa kgauta; tsa etswa ka kgauta e teilweng dintlheng tse pedi tsa sekwahelo;
Aarone a etsa jwalo; a bea dilampi tseo kapele ho kandelare, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.
ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.
Efela ho ne ho tshwaneleha hore dintho tse tshwantshang tse lehodimong di hlatsuwe ka mokgwa oo, empa haele tsa lehodimo di ne di tshwanela ho hlatsuwa ka mahlabelo a fetisang ao.